Breed Winners

Breed Winners

Share

√Writer 📖
√ Creative 🇱🇸🇱🇸
√The Story Teller🇱🇸🇱🇸
~Always SadStories✍️📖

√Ntoa bathong, keng ka thata🥺🥰

23/04/2026



'Malisebo eaba esale a lebella Thabo, a sa fihle. A joetsa monna hae koana h**e joale o manyetse, Thabo ha a fihle. Ache Mohale a lokela ho theoha ba tlo lula fatshe, ba batle na ebe joale Thabo o nyameletse kae.

Lerato le Lineo le bona ba sulafalloa sekolong, bona ba ne ba sa batle le ho arohana le Thabo, letsatsi feela e ne eka ke selemo ho bona. Khetlong lena ba mo batla, ba mo batla ba ba ba tela, ho thotse tuu, joale 'Malisebo o na le sieo ha a tsamaea, a sa tsebe na o tsamaile le mang, ba ile hokae.

Koana Thabo esale a akheloa ka toronkong, nyeoe e sa luloe. Ha tsena li etsahala e ne ele ka mora mariea. Thabo a lula moo nthoe isang khoeling peli, eaba nyeoe ea luloa. Ka mora likhoeli tse peli, a bitsetswa khotla, a balloa liqoso, a haneloa ka beile kaha bare o hana ho hlaisa sethunya seo a bolaileng ka sona.

Ka mora khoeli engoe hape, nyeoe ea luloa. Ba habo monna enoa ba ne ba le teng ka bongata, ba halefile haholo, le Silase a le teng, ena e le p**i. A hatelloa Thabo joale a sena oa habo, o sitiloe ho ba letsetsa kaha phone wa hae e ile ea nyamela nako eo sepolesa se mo nkang.

Thabo o ile a lokela hoea hoehla ka moo lilemo tse leshome, leha ho le joalo ba re haeba a sa khotsofalle qoso ena, a ka batla lengolo a ea lekhotleng le leholo Maseru ho ea ipiletsa. Thabo o na lula a rapela h**e ba habo ba ka mo thola, ba mpe ba tlo mo thusa ho loana ntoa ena.

20/04/2026



Ba lula moo ba pelo li hana ho kokobela. Ha b qeta ho ja lijo tsa mantsibuea hantle, motho a kokota, a re ke lepolesa la mmuso. 'Malisebo a bula ka phatla e phahameng, ka kelellong o na nahana ho tlisitsoe Thabo.

Ha a bula feela, hoa kena banna ba ikupelitseng ka li baretlhaba. Ka matsohong bane ba tshoare ntho tse bohale, ba laela bohle ba paqame fatshe. Ba ba fasa, joale ba emela a ntseng a tla ka ntle, ena o na nkile bistolo, ba tlo ba thunya hoea ka taelo ea a ba rumileng.

Ka mora motsotsoana, motho a kena; emong a hoelehetsa morao mane a re ntate thunya ntja tsena re tsebe ho tsamaea. O buoa joalo a furalletse, eare moo a phahamisang hloho, a tshoha leho makala ha a thola h**e ke pela hae ho eme monna oa lepolesa, ba fasoa kaofela hoa lokolla ba senang molato.

Ba ea mapoleseng sentse ba utloa lirifi. Ho cha molamu, ho cha rifi, ele seboko feela ka koloing.
“Lona le ne le nsielang?" Thabo a botsa.
“Hela o teng athe?” 'Malisebo a botsa. Lisebo le Lineo ba mo qhomela, ba mo aka. Ba mo thabela hona hoo ho no sena a batlang ho tloha pela hae.
“Hake makale, le ha le ka batla ho ea robala leena, hale tshepahale hampe lona.” Ho rialo 'Malisebo.

Want your public figure to be the top-listed Public Figure in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Category

Address

Thaba Bosiu
Maseru