LCCUL
LCCUL KE NTLOKHOLO, MOKHATLO OA NAHA LE KOPANELO EA MEKHATLO EA LIPOLOKO LE LIKALIMO TSA LICHELETE NAHENG EA LESOTHO. O THEHOA KE LICREDIT UNION.
07/08/2025
Ka sontaha sa la 03.08.2025, ofisi ea bongoli le ea bongoli ba boto le phethahatso ele ntsetsopele ea engoe ea liqeto tsa seboka sa 1975 eleng h**e LCCUL e ithute ho etela likereke ka mefuta, liofisi tsena li ile tsa etela kerekeng, ea Thaba_Bosiu Ha Mohalenyane ea Mme 'M'aneo. Moo har'a tse ling mothehi oa kereke a bontsitseng bohlokoa ba kamohelo ea baeti, moo a ileng a amohela, lengeloi a sa tsebe. Eaba le ofisi ea bongoli e leboha kereke ka kamohelo, eaba ea bontsa kereke ka lengolo la kamohelo ea baeti ð Lengolo la Baheberu 13:2 le reng:
âLe se ke la lebala ho amohela baeti, hobane ka ho etsa joalo, ba bang ba ile ba amohela mangeloi ba sa tsebe.â
Ofisi ha e bonts'a moelelo oa temana ena eare:
Temana ena e khothalletsa ho bontÅ¡a boikokobetso le lerato ho ba bang, haholo-holo baeti. E re hopotsa h**e ho bontÅ¡a mohau ho batho bao re sa ba tsebeng ho ka ba le liphello tse sa lebalehengâjoalo ka ha Abrahama le Lota ba ile ba amohela mangeloi ba sa tsebe.
Se ka ithutoang ho eona:
- Ho ba le boikutlo ba ho amohela ba bang ke karolo ea tumelo e phelang.
- Ha ho mohla re ka tsebang h**e na ketso e bonolo ea mohau e ka ba le tšusumetso e kae.
- E re hopotsa h**e Molimo o sebetsa ka litsela tse sa lebaleheng.
Ea boela ea bua ka ngolo la Nehemia 2:17
ð Nehemia 2:17 e reng;
âJoale ka re ho bona, âLe bona bothata boo re leng ho bona: Jerusalema e lutse e senyehile, âme mamati a eona a chesitsoe ka mollo. Tloong, a re haheleng lerako la Jerusalema, h**e re se ke ra hlabisang lihlong.ââ
Ofisi eare moelelo oa temana ena ke h**e:
Nehemia o ne a fihlile Jerusalema âme a bona ka mahlo a hae h**e toropo e senyehile haholo. Ka temana ena, o ne a bolella sechaba maikutlo a hae, a ba mema h**e ba kopanele ho aha lerako hape. O sebelisa poleloana âreâ ho bontÅ¡a h**e o ikopanya le bonaâha se taelo e tsoang holimo, empa ke pitso ea bonngoe le boikarabello. A kopa kereke ho thusa LCCUL le Thaba_Bosiu Credit Union ka mosebetsi o moholo oa ho tsosa licredit union tsa lesotho tse sentsoeng eaba ea bontsa h**e ho se ho ntse ho tsoeloa pele ka tsoso le tokiso ba etsetsoa mohlala ka tsebetso e entsoeng bekeng nchafatsong ea Mazenod Credit Union eleng ea tse ling licredit union tse theileng LCCUL.
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Contact the organization
Telephone
Website
Address
Old Europa Opposite SA High Commission
Maseru
Opening Hours
| Monday | 08:00 - 16:30 |
| Tuesday | 08:00 - 16:30 |
| Wednesday | 08:00 - 16:30 |
| Thursday | 08:00 - 16:30 |
| Friday | 08:00 - 16:30 |