InfoSphere

InfoSphere

Share

Dedicated tech company, passionate about delivering credible information, news and precise results.

26/02/2025

MONYAOLO OA DSTV OA M100 O TLA FELA KA LABOHLANO

Monyaolo oa semetletsahali oa DSTV oa h**e ha u lefa M100 kaholimo ho seabo sa hau sa khoeli-le-khoeli, u buleloa likanale tsa mokhahlelo (package) o kaholimo, o tla fihla pheletsong ka Labohlano la la 28 Hlakola.

Monyaolo ona, o qalileng ka la 4 Hlakola, o reretsoe feela basebelisi ba DSTV ba mekhahlelo ea DSTV Access le DSTV Compact. Ka ho lefa M100 kaholima seabo sa hau sa DSTV Access sa M139, DSTV e tla u bulela likanale tsa DSTV Compact. Ka tsela e ts’oanang, ka ho lefa M100 kaholima seabo sa hau sa DSTV Compact sa M469, DSTV e tla u bulela likanale tsohle tseo e nang le tsona (DSTV Premium). Basebelisi ba DSTV ba tla lefa M100 pele letsatsi la Labohlano le likela, ba mekhahlelo e boletsoeng, ba tla nyolleloa mokhahlelong o kaholimo bakeng sa khoeli ea Hlakubele.

Monyaolo ona, o reretsoeng basebelisi ba DSTV ba Lesotho ‘moho le ba Afrika Boroa, o ka fumanoa ke mosebelisi ofe kapa ofe ea ntseng a hoketsoe lits’ebeletsong tsa DSTV mekhahlelong e boletsoeng ‘moho le ea lefileng bocha ho hloella ho o mong oa mekhahlelo ea Access le Compact.

Basebelisi ba DSTV ba seng ba lefile seabo sa bona sa khoeli ba lumelletsoe h**e ba ka ts’ela M100 e be likanale tsa mokhahlelo o kaholimo lia hlaha lithelevisheneng tsa bona. Monyaolo ona o ama feela ba fumanang DSTV ka tsela ea khale, e leng ea sekotlolo, e seng ba DSTV Stream. Mosebelisi oa DSTV ea lefeng M100 kaholimo, a le mekhahlelong e boletsoeng, u tla imona menoana ka likanale tse ngata nako ea khoeli kaofela. Hang ha khoeli e feela u ntse u bulelletsoe likanale tsena, lintho li tla khutlela setoaeling khoeling e hlahlamang joaloka ha eka ha hona se etsahetseng, ‘me ha u na hloka ho hopotsa ofisi ea DSTV h**e e u khutlisetse moo u khonang teng.
Na le uena u se u akhetse lekholo?

06/01/2025

LI-TV BOX TSA LEFOFO LI KENA LESOTHO

Mekhoa e mecha ea ho boha litsóantsó tsa libaeskopo le lipapali ho marang-rang e ntse e pharalla, ‘me Basotho ba bangata, bao litelevishene tsa bona e leng tsa moetso oa khajana, ha ba itheka moroalo kaha ba se ba sebelisa Android TV box. Kotsi ea sena ke h**e li-TV box tsa lefofo ke tsona tse bonahalang li rekoa ka bongata ke Basotho.

Android TV box ke lebokose le batlang le tsóana le decoder ea DSTV, ‘me lona le etsa h**e motho a fumane litsébeletso tse fumanehang ho marang-rang tse kang Netflix, Showmax le tse ling ka ho lefa seabo khoeli-le-khoeli. Android TV box e kenya li-app tse ngata haholo kaha e nyafa matla molikong oa Google Play.

Mabenkele a tsóanang le Takealot ke ona a thomileng thekiso ea Android TV koano Afrika, haholo Afrika Boroa. Leha ho le joalo, likhoebo tse ngata tsa Basotho le batho ka bo mong ba se ba kene thekisong ea lihlahisoa tsena.

H**e e be e bitsoa Android TV box ke hobane e sebelisa boko ba Android, ‘me ke sehlahisoa sa Google. Li-TV box tsa lefofo joaloka e hlahileng setsóantsóng ha se lihlahisoa tsa Google leha li sebelisa moliko oa li-app oa Google Play.

Tsa lefofo li bonahala joang?
• Ha li na mothusi oa Google (Google Assistant).
• Ha lia hlapanyetsoa ke Google. Tse hlapanyelistoeng li ngotsoe ‘Google Certified’.
• Li theko e tlase haholo; lipakeng tsa M300 le M700. Tsa ‘nete li qala ka bonyane M1000 hangata.
• Mabitso a tsona ke a sa tsebahaleng; boholo ba tsona li sebelisa lebitso la MXQ.
• Barekisi ba tsona ba atisa ho li rekisa li se ntse li tsétse li-app tsa lefofo tseo hangata ba khothaletsang h**e u emise ho lefella DSTV, Netflix le tse ling.

Moo kotsi e leng teng
Li-TV box tsena li tla li tsétsoe li-app tse ka utsoang litaba tsa hau tsa bohlokoa joaloka linomoro tsa lekunutu tsa Google le tsa bankeng; boholo li entsoe ke MaChina. Li-TV box tsa lefofo lia jema kapa hona ho emisa tsébetso nako-le-nako ha li imeloa; ka nako e ‘ngoe li timela ruri. Tsébeliso ea tsona ea data e holimo haholo ka lebaka la li-app tse itaolang hoo li ka etsang h**e Wi-Fi ea hau e imeloe haholo. Na uena u rekile TV Box eo e seng ea lefofo?

23/10/2024

WHATSAPP E NYAHLATSA HO SEBELISA LINOMORO TSA MOHALA (phone numbers)

Kh’amphani ea sethala sa lipuisano tsa sechaba ka marang-rang, WhatsApp e mothating oa ho etsa liphetoho tse kholo mokhoeng oa ts’ebetso oa app ea eona e sebelisoang ke palo e ka holim’a 2.78 billion lefats’eng ka bophara.

Liphetoho tsena tseo WhatsApp e li phatlalalitseng semmuso letsatsing la maobane (Labobeli), ke h**e WhatsApp e se e tla boloka linomoro tsa mohala tse nang le WhatsApp ka har’a app e le h**e leha fono e lahleha, u tle u fumane linomoro tseo ha u kena ka fono kapa sesebelisoa se seng. Phetoho ea bobeli ke h**e haufinyana, WhatsApp e tl’o nyahlatsa ts’ebeliso ea linomoro tsa mohala e be ho sebelisoa mabitso a basebelisi (usernames) feela joalo ka ho Facebook.

Phetoho ea ho boloka linomoro tsa mohala tse nang le WhatsApp hona ho app (eseng ka fonong) ho tla kena ts’ebetsong libekeng tse ‘maloa tse tlang. Letsatsi la ho nyahlatsa linomoro tsa mohala tse seng li tla fetoha mabitso a basebelisi feela lona ha le e so phatlalatsoe ha joale, empa tebello ke h**e seo se tla etsahala haufinyana.

WhatsApp e supa ha e etsa sena ho sireletsa basebelisi ba app ea eona h**e linomoro tsa mohala li se fihle matsohong a linokoane ha bobebe. Linokoane, haholo tsa marang-rang, li atleha ho etsa bosholu le bomenemene ha bonolo ha li ts’oere linomoro tsa batho tsa mehala.

20/10/2024

Shout out to my newest followers! Excited to have you onboard! Kabila Mapefane, Ntate Kaystar Lesoetsa

Want your business to be the top-listed Advertising & Marketing Company in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Telephone

Website

Address


Maseru
100