CRROA

CRROA

Share

CRROA - Crime Prevention Rehabilitation and Reintegration of Ex-Offenders Association

Photos from CRROA's post 16/07/2026

Day 2 of CRROA staff training by UNFPA on GBV

15/07/2026

CRROA E TSOILE LETS'OLO HO ANETSA THUTO LITABENG TSA TLHEKEFETSO EA B**G, Le BOPHELO BO BOTLE BA KELELLO.

'Majapi Nkhahle moemeli oa CRROA
Mokhotlong, o re ba ntse ba tsoelapele ho fana ka thuto sechabeng ka litaba tsa tlhekefetso ea b**g e bonahalang e jele setsi literekeng tse leshome tsa naha ena ea Lesotho, bophelo bo botle ba kelello le kahlolo ea Toka ea Poelano ka ho epa lipitso tsa kopanelo le Sepolesa, mokhatlo 'moho le marena ' me ba bile pitsong e joalo ka Moqebelo o fetileng Ntsiking, ha Morena Ntsiki Ntsiki Mokhotlong.
'Majape o re ho hlahelletse h**e bang bohle ba ka tseba h**e ke boikarabello ba bona ho ipolesa metseng, ho bona h**e matlo a mothamahane a koaloa ka nako le ho ikobela tsena tsohle ho ka thusa thibelong ea litlolo tsa molao.

By Mpinane Thulo

10/07/2026

CRROA and Adult Education Department Personnel in a Plenary meeting on finding the “Root Causes of GBV”

Photos from CRROA's post 06/07/2026

SECHABA SA THABANA MORENA SE FUMANA THUTO.

Ho bile le Pitso Thabana - Morena Ha Khobotle ha Mofumahali Mabakoena Makhetha kajeno (06 July 2026) ka hora ea leshome ha e fetile ka metsotso e mashome a mararo (10:30am), CRROA ka phala ea eona Monghali Thinyane le 'liaison officer' mofumahali Mahali ba ile ba bua ka matla le ho hlokomelisa Sechaba se neng phuthehile moo ka kotsi ea litlolo tsa molao 'moho le litla-morao tsa tsona, tlhekefetso ea b**g 'GBV' le lipolaeano tse jeleng setsi ka hare ho naha.

Ha e le tlhekefetsong ba bile ba bonts'a ha lipalo-palo tse holimo tsa mahlatsipa e le Basali le Bana, empa seo ha se bolele h**e banna le bona ha ba kopane le tlhekefetso, empa bona ekaba batho ba tholang.

CRROA e ntse e tiisetsa sechaba sa Basotho h**e ha e le thuto e tla e anetsa ho fihlela ho Mosotho oa ho qetela.

By: Tefo Joseph Makhakhe

Want your organization to be the top-listed Non Profit Organization in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Telephone

Address


Ha Mafafa
Maseru

Opening Hours

Monday 09:00 - 15:30
Tuesday 09:00 - 15:30
Wednesday 09:00 - 15:30
Thursday 09:00 - 15:30
Friday 09:00 - 13:00