Senny masilo
God is always good😘
Baratuoa baka ketla ngola ha kena le data ma MTN a se a mpha 10MB per day Jle kannit enya hoo😭💔
05/08/2024
Ko etsa botle MAHALA bekeng Ena fela
❤️0687794339 nkene WhatsApp kapo o nletsetse❤️
❤️hare beng ready ka 14:00 ke tsoela Pele😍❤️
Hello guys um back😍🖐️❤️
Ke hooa madume baratuoa baka 😍
Ke masoabi hle ka hose ngole ke moo network e sukulisang ketla fumaneha kamora 3 weeks hape ke kopa leseke la nyahama hle😭
Senny oa lerara❤️
LERATO LE SEFOFU part 79
Lentsoe: Malitaba o seke oa leka oa etsa seo o ntseng o serera litaba moo a teng o bolokehile
Ha o ka leka oa motsoma o tlo qeta ka wena hoba hona le seo a ntse a serera e ne ha oka kena bophelong ba hae o tlo mositisa e be o bolaea wena ngoana oa hau ke mo ikhohomisa e bile ha a satla loka lekhale,motlohelle a utloe bohloko Pele
O tlo fetoha ka mora h**e a u tloe bohloko e tsoe sethoto se hlalefa ke ho utloa bohloko, ebile Hale fahloe habeli
Malitaba moo a reng oa araba motho eo o ile a nyamela eaba Malitaba o re hlasi a fumana h**e o ntse a Lora o ile a Lula ka litono betheng joale a nahanisisa taba tsena,o ile a utloa asa utloisisi
Empa a khumama a rapela a kopa ntate molimo h**e a mpe a fetole bophelo ba Litaba
O ne a tloile bohloko a bona e ka ha a etsa karolo ea hae ea botsoali ea ho khalema ngoana oa hae a sa lutse joalo a touta o ile a ba a fihleloa ke boroko a khaleha ho Luma likobo
O ile a tsoha e se e le mesong a tsosoa ke serame
Litaba hoseng o ile a tsoha a hlapa a ba motle ha a qeta a lo kokotela Mamorena
Mamorena: haibo!! Hoseng hakale o tatetseng
Ha Kore ke qetele ho hlapa Pele ntse kele ka metsing
Mamorena e se h**e o ne a bona ele hoseng o ne a batla h**e ha litaba a tsooa le na a be a tloha
Litaba : o ea mme,ketla u emela
Litaba o ile a leba phapusing ea hae ka pelo e bohloko
Mamorena le Morena ba Sala ba tsheha
Mamorena o ile a hlapa a qeta eaba he o fa Litaba chetele
Litaba: ke kalima mohala oa hao kelo nka liphoto nyana ,
Mamorena o ile a Sheba Morena ka lephekhe Morena oma ka hloho litaba a sa ba bone a nto Neha litaba mohala
Litaba o ile a leba bo emelong ba likoloi hang koloi eabe ese e fihla
Mamorena Le e na a kena ho ea hae a Sala lephele morao
LERATO LE SEFOFU part 78
Litaba ha a fihla phapusing ea hae o ile a Lula ho Lima likoboa a ja masapo a hloho
O ile a emela Mamorena le Morena ba lo robala eare ha baqeta ho kena phapusing ea bona a nyonyobela mohala oa Mamorena kaha bane ba o siea chacheng
O ile a o nka a Leba le ona phapusing ea eahae
O ile a kena Facebook a kena eare ha a kena fela a kopana melaetsa e mebeli ea batho bao a sa batsebeng
Monna 1: lumela ntate ke kopa ho tseba h**e nang ke u thusa ka eng
Monna 2: lumela ntate ke u thusa ka e ng
E itse ha Bala a hla a bona h**e ke batho beo a ba batlileng a bobotheha😊
Litaba o ile a etsa group h**e ba buoe bale bararo fela ho yona a nto Itlhalosa
Litaba as Molefe: bo ntate ke kopa thuso ea Lona hona le motho eoo ke hlokang ho mokoetela for beke
Monna1: ho lukile ntate ke litaba tsa neng tseo
Litaba as Molefe: labone ketla lefa nako
Banna: ho lukile retla utloa ka wena,re malala otsoe
Litaba o ile a chaela monoana ka lehafing
A buoa a le mong : yes monoana ketlo wina
O ne a thabile hoo a bona h**e ke nkokonolo joale khethong Lena Reithabetse a Keke a chophola o ile a ntsha Facebook a Isa mohala oa Mamorena chacheng. A thabile
Malitba o ile a khaleha bosiung boo o ile a fihleloa ke Toro
Empa seneng se mo makatsa ke h**e nako eohle ha ane a Lora o ne a bona motho ea apereng li aparo tse tshoeu a moforalletse
Lentsoe Lona o ne a leshoantsha le la mmae ea ileng a hlokahala lilemong tsa ho feta....
TO BE CONTINUED....
LERATO LE SEFOFU part 77
Nkhono: le batlile le fihla kele siko bana baka
Hosane ke ea sekolong sa boruti maseru koana ke tlatla hae kali weekend fela leteng ha kena le nako
Masenny: ho lukile nkhono re tlanne re u hloele maseru moo ,re u thabetse kannete,hantle ho etsahetse Joang ka mogala oa hau
Nkhono: ke bone o se o those fela ka u tlohella
Kabelo: ache re lokela ho u batlela o mong
Nkhono: ae kannete hake nahane ke tlaba le nako ea mohala bonyane ha kese ke qetile sekolong bana baka
Baileba utloisise kannete nako e ne e se e le hora ea bo supa
Ba ile ba salisa nkhono hantle ba nto Leba hae bale khotso
Ba ile bafihla Napo a ntse a shebelletse sealemoea pono
Napo: le tsamaile Joang
Kabelo: hantle haholo mora
Kaha bane ba khathetse ba ile ba hlapa ha baqeta Baja ba nto Leba liphapusing tsa bona
Litaba ha a qeta o ile a hlakola Facebook eaba o siea mohala mono a ea lijong ha a quick hoja a leba phapusing ea hae
Mamorena: ausi ke kopa re buoe
Litaba o ile a sehoa ke letsoalo ha mamorena a re ba buoe ,o ile a khutla a Lula fatshe
Mamorena: hosane ketlo o fa chelete e ngoe o lo reka liphahlo
Litaba: hao mme...ha ho ...le Pele a qeta ho buoa
Mamorena: ho ea hlokahala ke kopa o be hlokolosi khetlong Lena o tshoare lintho hantle o qobe lebenkele Leo o rekileng ho Lona
Litaba: e ea mme ke ea leboha
Mamorena: ho lukile o kalo robala
TO BE CONTINUED.....
LERATO LE SEFOFU part 76
Nako ea ho chaisa e ile ea fihla masenny le kabelo ba fihla le bona bohle ba kena likoing ba nto leba mahae
Senny: ntate le wena o relatile kajeno
Kabelo: e re rerile hoea hloela nkhono kajeno ,oa hapola ne kere hona le mohla a ile a njoetsa ka maliberoane eaba ke mohlabela moteka
Senny: joale o ilo kopa tshoarelo??
Kabelo : ho joalo ngoanaka taba eno ha e ntshare hantle hohang hoba le mohala oa hae ha o kene
Senny: o ea ntate ke litaba tse monate
Ba ile ba tsamaea ba Leba ha nkhono
Napo o ne a setse hae a le mong kaha khoebo ea hae e Sena nako
Kabelo tseleng o ne a tshohile a ipitsa h**e nkhono o ilo mosheba Joang
Ba ile ba fihla ba fumana nkhono a le kantle a phutha liphahlo terateng
Senny o ile a tsoa hang ha koloi e ma a leba ho nkho a matha
Nkhono: awoo ngoanakaaa ( ba ile ba Akana ba thabile
Bohle ba ile ba Leba ho nkho ba mo aka bale khotso
Nkhono: eaba ha lesacho h**e le tlo fihla ka jeno
Masenny: ne resa ikemisetsa nkhono ,re khanniloe ke ntate mona are....le Pele a qeta ho buoa
Nkhono: ae litaba Hali bueloe kantle mosali ( batsheha
Senny : tsamaea nkhono ketla qetela...ba ile ba Leba katlung
Mampho le senny ba Sala ba phitha liphahlo tse setseng
Kabelo: nkhono ke lile koano hotlo kopa tshoarelo ka ...lepele a qeta ho buoa
Nkhono: ae hare sekeng Ra lilata morao ke u tshoaretse khale ngoanaka
Kabelo: hao nkhono kannete. O ile a phahama a thabile a aka nkhono
TO BE CONTINUED.......
Sehopotso!!❤️❤️
LERATO LE SEFOFU part 75
Reithabetse: nka u thusa Kang ntate
Litaba as Molefe: ke u tloile hothoe o e mong oa batho ba etsang khoebo e tshoanang le eaka Joale hona le liqholotso tse ke kopanang le tsona mokhoebong Mona hape ntate khoebo eaka ea hana tuu h**e e tiie ke bona e ntse e khoehla letsatsi le letsatsi ,
joale ke kopa o tle mona o tla hlakeloa hantle ha o iponela ho feta hake u hlalosetsa
Reithabetse o ile a utloela monna eo bohloko ha a hopola h**e khoebo e na le liqholotso tse ngata Joang e kaba tse bakoang ke basebetsi kapo monga khoebo
Reithabetse: ke ea u tloa ntate ke kopa h**e ketle labone hoba ha joale kesa tshoere ka thata
Litaba as Molefe: ke ea leboha ntate ha re buoe la boraro ke tsebe ho o directa
Reithabetse: Ho lebohile nna ntate ( ba ile ba salisana hantle
Reithabetse o ile a utloa sehoa ke letsoalo a Sheba account eo a bona e le ncha ,e mpa a hopola h**e motho eo ke monga khoebo
ka hona beng Bali khoebo hana rate marang rang mohlomong eo o creatile account hoba a batla thuso
Litaba o ile a chaela monoana ka lehafing e mpa a tsieloa h**e o tlo etsa Joang ke mo a ileng a kena leqepheng le Leng le ngotsoeng joanaa" RE U THUSA KA SOHLE SE O SE HLOKANG MAHALA"
o ile a ke na eaba o ea Itlhalosa a ipitsa Molefe
Litaba as Molefe: ke hloka bo ntate ba ba beli baka nthusang labone kena le 1300
Kapele Pele ba ile ba mo araba ba motshepisa h**e ba tlilo mofumanela batho
Khele!! Litaba o ile a h**e joale o hlotse lefatshe hotloha letsatsing leo a tla fumana Reithabetse ka Lona o to hlomphiwa
TO BE CONTINUED......
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Website
Address
Quthing 750
Maseru