Sacred Heart RCC / Pelo-e-Tlotlehang RCM

Sacred Heart RCC / Pelo-e-Tlotlehang RCM

Share

Contact information, map and directions, contact form, opening hours, services, ratings, photos, videos and announcements from Sacred Heart RCC / Pelo-e-Tlotlehang RCM, Catholic Church, Ha Seleso, P. O Box 10557, Maseru 100, Maseru.

17/07/2026

Parish ea Pelo-e-Tlotlehang RCM, Ha Seleso, e lakaletsa Motlotlehi Letsie III, Ra-Basotho, letsatsi le hlohonolofetseng la tsoalo ha a keteka lilemo tse 63. ๐Ÿ‘‘๐Ÿ‡ฑ๐Ÿ‡ธ

Re holele, Ra-Basotho! Molimo a tsoele pele ho u fa bophelo bo bolelele, bohlale le matla a ho etella Basotho pele ka khotso le katleho.

16/07/2026

YOUTH DAY! YOUTH DAY! YOUTH DAY!

Ka li 25 Phupu, Monongoaha, Parish ea Pelo E Tlotlehang, Ha Seleso, e tla ts'oara letsatsi la bacha.

Teng ke moo ho tla ba le 10 penelists; 5 youth and 5 adults penelists . Ba tlo bua ka their real life stories, h**e na ba fihletse boemo/ levelsl tseo ba leng ho tsona tsa bophelo ka tsela life.

Mona ke ho tla fa bacha morolo, ho aha le ho matlafatsa sepheo sa bona ho tsohle tseo ba li etsang bophelong.

Se ke oa lebala buka ๐Ÿ“˜ le pene ๐Ÿ–Š๏ธ ho tla ithuta le nka malebela.

Pela e ne e hloke mohatla ke ho romeletsa ๐Ÿ”ฅ๐Ÿ”ฅ

Seke oa lebala ho arolelana litaba tsena le ba bang๐Ÿ”ฅ๐Ÿ”ฅ๐Ÿ’ƒ

Photos from Sacred Heart RCC / Pelo-e-Tlotlehang RCM's post 14/07/2026

KE PHELELA MOLIMO, KEREKE E CATHOLIC LE NAHA EA HESO

Ho tloha ka la 8 ho isa la 12 Phupu 2026, Pelo e Tlotlehang Ha Seleso e bile sebaka sa boikhutso le thapelo.

Ho bile le LCYM Rally 2026 โ€” moo lipelo tsa bacha li ileng tsa besetsoa ka mollo oa lerato la Molimo, 'me mocha ka mong a re; โ€œKe โ€™na enoa Morena, nthome.โ€
Matsatsi a mahlano. Pelo e le 'ngoe. Morero o le mong.

Moko taba oa rally ena o ne o qotsitsoe ho Habakuke 2:3

"Pono ena e sa emetse nako ea eona, e haufi e phethahala, 'me e ke ke ea thetsa.

Leha e ka lieha, uena o e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ea lieha."

LCYM Rally 2026 Pelo e Tlotlehang RCM, Ha Seleso. Re tlile re le bacha, ra tsamaea re le barutuoa ba kriste.

Photos from Sacred Heart RCC / Pelo-e-Tlotlehang RCM's post 07/07/2026

Ahe Kriste Morena!
Morena oa Marena, Morena Jesu 'Muso oa Hau o tle.

Khoeli ea bosupa ke khoeli ea Maria Goretti ea Halalelang, eo e leng eena Mohalaleli oa kopano ena ea Masolenyana a Kriste Morena, 'me eo litho tsa Kopano li lokelang ho tsamaea borapeling le mehlaleng ea hae.

E ntse e le ho latela makhabane a hae, joaloka kamehla, Bosolly ba ketekile boikhutso ba bona ba pele koano ha bo rona Pelo E Tlotlehang, Ha Seleso.

Ho bile teng, li Mishone tse 19, tse kahara deanery, le ba bang bana ba bo bona ba diocese ea Kroonstad.

Sehlabelo se Halalelang sa Missa, Moprista oa Parish, Fr. Lingoane Tlaile SDB ha a amohela bo-solly o itse; re phela mangolo a Halalelang, 'me re utloile h**e ho Kriste Morena ha ho moeti kapa molichaba, kahona Bosolly ba phuthulohe, ho ba ba fihlile lapeng habo bohle, e leng Pelong ea Jesu, eo bohle re leng masole a Hae.

Re ba lebohetse haholo ha e le mona kopano ena ea Masolenyana a Kriste Morena e ntse e hola

04/07/2026

Khopotso ho Bakreste ba khabane ba Pelo-e-Tlotlehang mabapi le litsebiso tsa bohlokoa.

03/07/2026

Pelo e Tlotlehang ea Jesu โค๏ธ

Photos from Sacred Heart RCC / Pelo-e-Tlotlehang RCM's post 01/07/2026

๐” ๐Œ๐Ž๐๐‘๐ˆ๐’๐“๐€ ๐Š๐€ ๐๐Ž๐’๐€๐…๐„๐‹๐„๐๐†

Kajeno mahlo, mehopolo le lipelo tsa rona li holim'a ๐—™๐—ฟ. ๐—ก๐—ต๐—น๐—ฎ๐—ป๐—ต๐—น๐—ฎ ๐—ก๐˜…๐˜‚๐—บ๐—ฎ๐—น๐—ผ, ๐—ฆ๐——๐—•, ea tsoa tlotsetsoa Boprista bo Halalelang ka Moqebelo oa la 27 Phuptjane, 2026, Eswatini ๐Ÿ‡ธ๐Ÿ‡ฟ.

Ntate, u siea lithaba tsa heno, empa u tsamaea u nkile semelo, tumelo, ts'epo le lerato la tsona ho ea aletareng ea Morena. E se eka u ka ba molisa ea tsebang linku tsa hae, lentsoe la tลกepo linakong tsa mathata, le leseli ho bohle bao u tla ba sebeletsa e be lelomolo ho uena l.

Rea u lebohela, rea u rata, 'me re tla u rapella le uena u se phetse ho re rapella ha u nyehela Molimo sehlabelo se monko o monate.

Ntate, thaba ea bolumeli le bosebeletsi e sa tsoa phahama. E se e-ka Morena a ka u fa lilemo tse ngata tsa ho sebeletsa Kereke ea Hae ka bots'epehi, lerato boikokobetso, mohau le kutloelo-bohloko ho mohlape o tlang ho behoa boliseng ba hau ๐Ÿ™โœ๏ธ

Photos from Sacred Heart RCC / Pelo-e-Tlotlehang RCM's post 27/06/2026

๐Š๐ก๐จ๐ฉ๐จ๐ญ๐ฌ๐จ ๐ก๐จ ๐๐š๐ค๐ซ๐ข๐ฌ๐ญ๐ž ๐›๐š ๐Š๐ก๐š๐›๐š๐ง๐ž ๐ก๐จ๐ซ๐ž ๐‹๐ข๐ญ๐ก๐ฎ๐ญ๐จ ๐ญ๐ฌ๐š ๐Œ๐š๐ซ๐ข๐š (๐–๐ข๐ง๐ญ๐ž๐ซ ๐‚๐ฅ๐š๐ฌ๐ฌ๐ž๐ฌ) ๐ฅ๐ข ๐ฌ๐ž ๐ฅ๐ข ๐ช๐š๐ฅ๐ข๐ฅ๐ž.

Lithuto tsena li reretsoe bana ba lihlopha tse latelang:

โ€ข Grade 6 le Grade 7
โ€ข Grade 10 le Grade 11

๐— ๐—ฎ๐˜๐˜€๐—ฎ๐˜๐˜€๐—ถ ๐—น๐—ฒ ๐—ก๐—ฎ๐—ธ๐—ผ:

โฐ 10h00 โ€“ 13h00
๐Ÿ—“๏ธ Meqebelo feela, ho tloha ๐—ธ๐—ฎ ๐—น๐—ฎ ๐Ÿฎ๐Ÿณ ๐—ฃ๐—ต๐˜‚๐—ฝ๐˜๐—ท๐—ฎ๐—ป๐—ฒ ๐Ÿฎ๐Ÿฌ๐Ÿฎ๐Ÿฒ ๐—ต๐—ผ ๐—ถ๐˜€๐—ฎ ๐—น๐—ฎ ๐Ÿฌ๐Ÿญ ๐—ฃ๐—ต๐—ฎ๐˜๐—ผ ๐Ÿฎ๐Ÿฌ๐Ÿฎ๐Ÿฒ.

๐—•๐—ฎ๐—ธ๐—ฒ๐—ป๐—ด ๐˜€๐—ฎ ๐—ก๐—ด๐—ผ๐—น๐—ถ๐˜€๐—ผ:

โ˜Ž๏ธ Letsetsa kapa u romelle molaetsa ka WhatsApp ho: +266 6331 1568

25/06/2026

Haa beeeeeeeeeeeeeeeooeeeeeeeeeeee!
Tsela li leba Mater Dolorosa Parish, Mbabane, Eswatini!!

Ho ratile Morena Molimo le Moea o Halalelang;

Joalokaha re tseba kerekeng e Katholike e na le lipitso tse fapakaneng, e lenh moo bacha ba ikhethelang bophelo ba boitlami le boprista le tse ling, ho ho bile joalo.

Morena o re tlotla ka Motiakone, Nhlanhla Nxumalo SDB, eo ka la 27 June 2026, a tla be a tlotsetsoa Boprista bo Halalelang, Kopanong ea Baprista ba Don Bosco ea Halalelang, Parisheng ea Mater Dolorosa, Mbabane, Eswatini,

Don Bosco o itse tlisang Meea, le nke sohle, ka hona re leboha Morena Molimo.

H'a beoeeeeeeeeeee! H'a beoeeeeeeeeeee! H'a beoeeeeeeeeeeee!!!

Photos from Sacred Heart RCC / Pelo-e-Tlotlehang RCM's post 24/06/2026

KE KEREKE, U KEREKE, RE KEREKE E TSAMAEANG HAMMOHO

Joaloka ha e ne e le Sontaha sa la 21 Phuptjane, 2026, e ne e le letsatsi la bo-ntate, ho bile joalo Parisheng ea Pelo E Tlotlehang, Ha Seleso, ra keteka hamonate le ho rapela hammoho.

'Me Moprista oa rona Fr. Lingoane Tlaile SDB, a bolella phutheho ka bohlokoa ba ntate, mmoho le makhabane a hae ho lelapa la hae le ho bohle ba tlhokomelong ea hae. A ba hlohonolofatsa le ho ba lakaletsa katleho le mahlohonolo ho tsohle Tse ntle tseo ba li etsang bophelong

Happy Father's Day ho bo ntate bohle ba hlokomelang malapa a bona ka mekhoa eohle.

Lekhotlana la rona lebitsong la phutheho eohle la lakaletsa Moprista oa rona bo-ntata bo hlohonolofetseng. La re Moprista ke ntat'a phutheho eohle, hoba ke ea lebitsong la Kriste, 'me re le phutheho rea moananela

Morena Molimo a boloke bo ntate bohle. Amen.

Want your place of worship to be the top-listed Place Of Worship in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Website

Address


Ha Seleso, P. O Box 10557, Maseru 100
Maseru