Lentswe la Modimo
Praise and Worship
A re rapele
Modimo Ntate, Modimo Mora, Modimo moya o halalelang, hoseng hona ha letsatsi re leboha ha o bile le rona bosiu bo fetileng wa re patela e mobe, re leboha ha o boetse o re tsositse, hoseng hona re rapedisa batho bohle ba dulang ba hlomohile, emong ke tsela eo a phelang ka yona, emong ke tsela eo a phidiswang ka yona, ba bang ke batho ba sa kgoneng ho bua, ba sa rateng ditaba, re ba kopela mohau wa hao Ntate, le re le leng la mantswe a hao ka hara Bible, dithaba di ka sutha, maralla a sisinyeha, empa mohau wa ka o ke ke wa tloha ho bona, atamela ho bona wena senatla sa lehodimo hobane ke bana ba hao, ha re tlo tswa hoseng hona tsamaya le rona hoya ka mabaka ka ho fapana ha ona, re patele e mobe tlasa makoloi a mollo, re kwalle mamena ao ba re tjhekelang ona, re bea le bohle ba kulang Ntate ya matla ohle, ba tadime o ba fe pholo.
Ka Kreste Morena wa rona eleng Jesu Kreste re rapela.
Amen
Hoseng ke kopa Modimo a bue le wena, a o bontshe tsela, leeto la hao le skaba wela selomong, maraba ao ba o tjekelang ona, beng ba ona ba wele ho ona.
Isaia 30 Vs 21
Ditsebe tsa hao di tla utlwa lentswe kamora hao, le reng: Tsela ke yona ena, tsamayang ho yona, esere la ya ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.
Ka Kreste Morena wa rona.
Amen
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Website
Address
Mafikeng
2739